1. Pesalema. Sefela sa letsatsi la Sabatha.
2. Ke hantle ho boka Morena,ho roka lebitso la hao,wena Ya Hodimodimo,
3. ho bolela mohau wa haoe sa le hoseng,le botshepehi ba haoka masiu wohle,
4. ka seletsa se dikgwele tse leshome,le ka harepa,le thomo e modumo o monate.
5. Wena Morena,o nthabisitse ka diketso tsa hao;mesebetsi ya diatla tsa haoke e etsetsa ditlatse.
6. Morena, mesebetsi ya haoe meholo hakaakang!Mehopolo ya haoe tebile hakaakang!
7. Motho wa lewatla a ke ke a e tseba,sethoto se ke ke sa e utlwisisa.
8. Leha ba bolotsana ba mela,ba mela jwaloka jwang,mme bohle ba kgopo ba atleha,ba loketse ho timella ruri.
9. Empa wena Morena,o ya phahameng kamehla yohle.
10. Bona dira tsa hao, Morena,bona, dira tsa hao di a timela;bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.
11. Empa nna o mmatlafaditse,wa mmatlafatsa jwaloka nare,wa ntlotsa ka ole e hlwekileng.
12. Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello,ke utlwa diboko tsa ba kgopoba ntsohelang matla.
13. Ya lokileng o a atleha,o atleha jwaloka sefate sa palema,o hola jwaloka sefate,fate sa kedare ya Lebanone.
14. Ba hlomilweng ka tlung ya Morenaba tla atlehamabaleng a Modimo wa rona.
15. Le boqhekungba beha ditholwana,jwaloka difate tse nonneng,fate tse talana,
16. ho bontsha hore Morena o lokile,ke lefika la ka,ha ho na bobe ho yena.