1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.
2. Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele,hobane ke tshabela ho wena.Ke tshabela moritingwa mapheo a hao,ho fihlela koduwa e ba e feta.
3. Ke ipiletsa ho Modimo,Ya Hodimodimo,yena Modimo ya nketsetsang tsohle.
4. A le mahodimong, a ke a nthusetse;a ferekanye ya nkgatakelang.Modimo a ntshitseka mohau wa hae,a mpontshe botshepehi ba hae.
5. Ke dutse hara ditautse harolang batho;meno a tsonaa ka marumo le metsu,maleme a tsonaa ka sabole tse bohale.
6. Modimo, bontsha horeo okametse mahodimo,tlotla ya haoe phahamele lefatshe lohle.
7. Ba tjhehile maoto a ka ka leraba,mme moya wa ka o siame;ba ntjheketse lemena,empa ke bonaba wetseng ka ho lona.
8. Pelo ya ka e matlafetse, Modimo,pelo ya ka e matlafetse;ke tla bina, ke o roke.
9. Tsoha, moya wa ka;tsohang, lona thomo le harepa;ke tla tsoha mafube a eso hlahe.
10. Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,ke o roke hara merabe;
11. hobane mohau wa hao o moholo,o fihla mahodimong,le botshepehi ba haobo fihla marung.
12. Modimo, bontsha horeo okametse mahodimo,tlotla ya haoe phahamele lefatshe lohle.