1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2. Morena ako nnamoleleho batho ba kgopo,o ntshireletseho batho ba sehloho.
3. Ba loha mano ka dipelong tsa bona,ba qholotsa ntwa kamehla.
4. Ba leotsa maleme a bonaa be jwaloka a dinoha,mahloko a marabea tswa melomong ya bona.
5. Morena, ako nnamolele,o nnamolele diatleng tsa ba babe,o ntshireletse ho batho ba sehloho,ba rerang hore ke kgothometsehe.
6. Baikgohomosi ba ntjhehetse sefi,ba nketseditse leraba ka dikgwele,ba ntjheketse mamena pela tsela.
7. Ke itse ho Morena:“Ke wena Modimo wa ka.”Oho, Morena, sekeha tsebe,o sekehele sello sa thapedi ya ka tsebe.
8. Morena, monga ka,mopholosi wa ka ya matla,o sireletsa hlooho ya ka,o e sireletsa ka nako ya ntwa.
9. Morena,se dumelle ditakatso tsa ya kgopo,se dumelle hore di phethahale,le hore merero ya hae e atlehe.
10. Ba ntikanetseng ba se tsohe molota,ditshokelo tsa bonadi ke di ba wele hodimo.
11. Morena a ba nesetsemashala a tukang,a ba dihele mohohlongoo ba ke keng ba tswa ho wona.
12. Moetseletsi a se hlole a eba teng,e eba teng lefatsheng lena,motho ya sehlohoa futuhelwe ke bokgopo,bo mo timetsang.
13. Ke a tsebahore Morena o tla emelaa emele nyewe ya mohlophehi,a ahlolele le mofutsana.
14. Ruri ba lokilengba tla boka lebitso la hao,ba pelo di ntleba tla phela pontsheng ya hao.