1. Haleluja!Ke hantleho boka Morena,ho monateho roka Modimo wa rona,o lokelwa ke thoriso.
2. Morena o tsosamarako a Jerusalema,o phutha Baiseraeleba neng ba lelekilwe.
3. O fodisa ba pelo di hlabehileng,o tlamella maqeba a bona.
4. O tseba palo ya dinaledi,kaofela ha tsonao di bitsa ka mabitso.
5. Morena wa rona o moholo,o matla haholo,kelello ya hae e ke ke ya lekanngwa.
6. Morena o phahamisa ba eisehang,ba kgopo o ba dihela fatshe.
7. Binelang Morena sefela sa teboho,le roke Modimo wa rona ka harepa.
8. Ke yena ya kwahelang mahodimo,ya a kwahelang ka maru,ya nesetsang lefatshe pula,ya medisang jwang dithabeng.
9. O fepa diphoofolo ka dijo tsa tsona,le madinyane a makgwabaka tseo a di llelang.
10. Morena ha a thabele matla a dipere,ha a kgahlwe ke lebelo la motho;
11. o kgahlwa ke ba mo tshabang,le ba tshepileng mohau wa hae.
12. Tlotlisa Morena, wena Jerusalema,wena Sione, rorisa Modimo wa hao.
13. O tiisitse mekwallo,mekwallo ya dikgoro tsa hao,a hlohonolofatsa bana ba haoba phelang ho wena.
14. O entse hore kgotso e be tengmeeding ya hao,a o kgorisa ka koro e atlehileng.
15. Ke yena ya ntshang taelo ya haee yang lefatsheng,molaetsa wa hae o a potlaka.
16. O kgethehisa lehlwa le kang boya,o etsa hore serame se lale,se ke molora.
17. O hasanya sefako sa haese kang makumane;ke mang ya ka phelanghara mohatsela wa hae?
18. Hang ha a ntsha taelo,di se di qhibidiha.O fokisa moya,metsi a boele a phalle.
19. O tsebisa ba leloko la Jakobo,o ba tsebisa lentswe la hae,le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele.
20. Ha ho setjhabaseo a kileng a se etsetsa jwalo,ha ho setjhabaseo a kileng a se tsebisakahlolo tsa hae.Haleluja!