1. Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Sefela.
2. Re a o boka Modimo, re a o boka,rona ba rapelang lebitso la hao,ba bolelang dimakatso tsa hao.
3. “Ka nako eo ke e beileng,”ho rialo Modimo,“ke nna ya tla ahlola ka ho loka.
4. Leha lefatshe le ka thothomelale bohle ba ahileng ho lona,ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.
5. Ke itse ho baikakasi:<Le se ke la ikakasa,>ho ba kgopo ka re:<Le se ke la kgantsha matla;
6. le se ke la kgantsha matla hakaalo,kapa la bua le sataladitse melala.> ”
7. Kahlolo ha e tswe botjhabela,kapa ha e tswe bophirimela,leha e le lehwatatengkapa dithabeng.
8. Ke Modimo ya ahlolang:O kokobetsa e mong,a phahamise e mong.
9. Ka letsohongMorena o tshwere mohopeo phophomang veinee lomosehileng.O qhatsetsa bohle ba kgopoba lefatshe;ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa.
10. Empa nna ke tla mo fapha kamehla,ke roke Modimo wa Jakobo.
11. O tla fedisa matla wohle a ba kgopo,mme ba lokileng ba tla matlafala.