1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”.
2. Lona babusi, na rurile ahlola ka ho loka?Na le ahlola batho ka toka?
3. Tjhe, ka dipelong tsa lonale rera tse kgopo,lefatsheng le etsa tse sehloho,le di etsa ka matsoho a lona.
4. Ba kgopo ba senyehileho tloha popelong,ba leshano ba kgelohileho tloha tswalong ya bona.
5. Mahloko a bonaa tshwana le mahloko a noha;ba ithibile ditsebesa marabe ya manganga,
6. ya sa utlweng lentswela ya mo weweletsang,la ya mo bobisang ka bohlale ba hae.
7. Oho, Modimo,pshatla meno a bona,a pshatlelle ka mahanong a bona;oho, Morena, motsula meno,meno a mekwetsepe a ditawana.
8. Ba ke ba nyamelesa metsi a phallang,ba ke ba omellesa jwang bo hataketsweng.
9. Ba ke ba qhididihesa kgofu ha e ntse e tsamaya,ba be jwaloka sefolotsana,sona se sa boneng letsatsi.
10. Etlare ba eso lemohea ba fothole sa hlabahlabane,a ba fefole sa lehola ka kgalefo,ka kgalefo ya hae e tukang.
11. Ya lokileng o tla thabaha a bona phetetso,o tla hlatswa maoto a haeka madi a ba kgopo.
12. Batho ba tla re:“Ruri, ya lokileng o newa moputso;ruri, Modimo o teng,o ahlola batho lefatsheng.”