Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Jobo 7 BIBELE (SSO89SO)

Jobo o a tsieleha

1. “Bophelo ba mothomona lefatsheng ke ntwa,matsatsi a hae ekare a mohiruwa,

2. a mohlanka ya labalabelang moriti,a mohiruwa ya lebeletseng moputso;

3. nna lefa la kake kgwedi tsa ho sebeletsa lelea,ke abetswe masiu a mokgathala.

4. Kamehla ha ke robala ke a ipotsa:<Ekaba neng e tla ba neng ke tsohe?>Empa siu bo bolelele, bo a tosa,ke hlobaela jwaloho fihlela mafube a hlaha.

5. Diboko le kgoho tsa mobudi nkgometse,tlalo la ka le dipekane,le petla boladu.

6. Matsatsi a ka a potlakasa nale ya selohi,a be a feletshepo yona e nkwekwetla.

7. “Modimo, hopola:Phelo ba ka bo ka moya feela,mahlo a ka ha a ka ke a bonatse molemo hape.

8. Ya mponang jwale,ha a sa tla boela a mpona,etlare ha o mpatlake be ke le siyo!

9. Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele,ya theohelang Nqalong ya Bafua ke ke a nyoloha;

10. ha a ke ke a kgutla,a kgutlela lapeng la hae,tulo tsa hae di sala di le feela,a ke ke a hlolaa dula tulong tsa hae.

11. Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa,ke tla buapelo ya ka e tshwenyehile,ke ipelaetsepelo ya ka e ngongorehile.

12. “Ebe nna ke lewatlekapa kganyapa,ha o mpeetse balebedi ho ntisa?

13. Ha ke re: Phate tsa kake tsona tse tla ntshedisa,moalo wa kao nthethefatse ho komakoma,

14. wena Modimo, o ntshosa ka ditoro,ka diponoo mpakela ho thothomela;

15. kahoo ke ikgethela lefula ho kgangwa,ho ena le ho phelake le masatswane.

16. Bophelo bona ba ka bo ntenne,nke ke ka phela kamehla yohle;ako ntese,matsatsi a ka ke mouwane!

17. “Motho e ne leng,ha o mo nketse hodimo hakaale,o bile o mo hlokometse hakaale?

18. Kamehla hoseng o a mo hlahloba,kamehla motsotso ha o feteo sa mo leke.

19. O tla kgaotsa neng ho ntjamela,o ko mphe tshweya,ke metse mathe?

20. Haeba ke sitilwe,ke o sinyeditseng?Wena Molebedi wa batho?Ke ka difeo nkentseng pakane ya hao,hoo le nnake seng ke bile ke itenne?

21. Ke hobanengha o sa tshwarele tshito ya ka,wa tlosa bokgopo ba ka ba fela?Haufinyane ke tla robala lebitleng;o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”