Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Jobo 26 BIBELE (SSO89SO)

Jobo o bolela boholo ba Modimo

1. Yaba Jobo o a araba, o re:

2. “Wa tla wa thusamotho a fokola!Wa tla pholosa letsoho le fokola!

3. O eleditse sethotohantle hakaakang!O bontshitse tseboe kgolo hakaakang!

4. O rutilwe ke mangho bua polelo tsee?Polelo tseo o di buang ke tsa mang?

5. “Ba ka mabitleng ba a thothomela,le tsohle tse tlasa metsi,tse phelang ho wona.

6. Nqalo ya Bafue feela kapela Modimo,mohohlo wa timelo o ahlame,ha o a kwahelwa.

7. Modimo o sarolotse leboyahodima sepakapaka,a leketlisa lefatshehodima bofeelafeelane.

8. O phuthetse metsikahara maru a hae;ha ho leru le phatlolwangke boima ba metsi!

9. Kgwedi ha e tolokile o a e fifatsa,ka maru a hae a e etsetse lesira.

10. O radile sedikadikwe,a se rala hodima lewatle,a etsa moediho arohanya lesedi le lefifi.

11. Tshiya tsa lehodimole tsona di a reketla,di reketlake ho tshoha kgalemelo ya hae.

12. Ka matla a haelewatle a le tsosa maqhubu,ka bohlale ba haea tamukanya Rahaba.

13. Ka moya wa haea ntlafatsa mahodimo,ka tsoho la haea hlaba noha e lelesela.

14. Tsena ke dinyane feelatsa matla a hae,tse bolelwang ka yenake lehweshehweshe;boholo ba matla a haebo ka utlwisiswa ke mang?”