Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Jobo 16 BIBELE (SSO89SO)

Jobo o re o hloilwe ke Modimo le batho

1. Yaba Jobo o a araba, o re:

2. “Tse kang tsenake di utlwile hangata;lona bohle le batshedisiba tenang motho!

3. Na o sa tla kgaotsaho shwahla mafeela?Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?

4. Hoja boemo ba ka e ne le ba lona,ke ne nka nna ka bua jwaloka lona,ka puo tse ngata ka le tlameletsa,ka ba ka thukuthelahlooho ya ka ho lona.

5. Empa polelo tsa kadi ne di tla le kgothatsa,ho bebenya melomo ha kaho le bebolele tlokotsi.

6. “Leha nka bua,bohloko ba ka ha bo kokobele;leha ke kgutsitse,bona ha bo ntlohele.

7. Oho, Modimo, o fela o ntshotlile,lapa la ka lohlele timeditswe ke wena;

8. o ile wa ntlhasinya,mme o sera sa ka;bokojwane ba kake paki e nqosang ke e shebile.

9. Ya ntlhoileng,ka kgalefo o a ntlepolaka,o ntsikitlanyetsa meno a hae;sera sa ka se ntjhebaka mahlo a ntjhotjho!

10. Batho ha ba kopetse melomoha ba ntshoma,ba ntjabela leramengba bile ba nnyefola,ba entse setha-se-wele hodima ka.

11. Modimo o nneeletse ka balotsana,o ntahletse matsohonga batho ba kgopo.

12. Ke ne ke iketlile,ke mona o ntshuhlamantse,a mphamola ka molalana,yaba o a mpidila,a ntlhoma ho ba sekgopisa metsu ya hae.

13. Metsu ya hae e nketseditse lethala,o harola dikahare tsa kaa se na mohau,nyooko ya ka yonao e qhalanyetsa fatshe.

14. O ntlhaba a sa tswa ntlhaba,o nkgorohela jwaloka seqhobane.

15. “Mmeleng wa kake apere tse mahwashe,ka phatla ya kaleroleng ka sunyama;

16. mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi,botsho bo entse sedika-mahlwanantshing tsa ka;

17. leha matsoho a kaa sa fuparela bokgopo,le thapelo ya ka ho Modimoe hlwekile.”

Jobo o ipiletsa ho Modimo hape

18. “Oho, wena lefatshe,madi a ka o se ke wa a monya,boipiletso ba kabo se ke ba kgaotsa!

19. Le jwale paki ya kae lehodimong,mmuelli wa kale yena o hodimodimo.

20. Ha e le metswalle ya kae a ntshoma,keledi tsa kadi keleketlela ho Modimo.

21. Ke mangya ka mpuellang ho Modimojwalokaha ho buellwa mothoho motswalle?

22. “Ho tla feta lemodi le mmalwana,ebe nna ke nka tselae yang bo-ya-batho.”