Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

2 Marena 6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane.

2. Re dumelle ho ya Jordane, re nke teng e mong le e mong sefate, mme moo re ikgahele ntlo eo re ka dulang ho yona. A re: Eyang.

3. E mong wa bona a re: Ako ye hle le bahlanka ba hao.

4. A re: Ke tla ya. Yaba o ya le bona. Ha ba fihla Jordane, ba rema difate.

5. Yare ha e mong wa bona a diha sefate, tshepe ya selepe sa hae ya wela metsing; a meketsa, a re: Jo! monga ka, etswe se be se adimilwe!

6. Monna wa Modimo a re: Se wetse kae? Yare hobane eo a mo supise, Elisha a rema thupa, a e akgela hona teng, a phahamisa selepe.

7. Yaba o re: Se inole. A otlolla letsoho, a se inola.

8. Morena wa Siria o ne a lwana le Baiseraele. A etsa morero le bahlanka ba hae, a re: Makgotla a ka a tla ya emisa bakeng se itseng.

9. Monna wa Modimo a romela ho morena wa Iseraele, a re: Bona hore o se ke wa feta bakeng se itseng; hobane Basiria ba ya theohela teng.

10. Morena wa Iseraele a romela bakeng seo a se boleletsweng ke monna wa Modimo, seo a se supisitsweng hore a se tshabe. Mme hoo ha hlaha e seng hang, leha e le habedi.

11. Pelo ya morena wa Siria ya ferekanngwa ke hoo, a ba a bitsa bahlanka ba hae, a re: Na le ke ke la mpolella hobane ke mang wa rona ya emelang morena wa Iseraele?

12. E mong wa bahlanka ba hae, a re: Oho, morena, monga ka, ha o yo; ke Elisha, moporofeta ya Iseraeleng, ya isang ho morena wa Iseraele le mantswe a buwang ke wena kamoreng ya hao ya ho robala.

13. Yaba o re: Eyang, le bone moo a leng teng, ke tle ke romele ho ya mo tshwara. Mme a tsebiswa, ha thwe: o Dothane.

14. Yaba o romela dipere teng, le makoloi, le lekgotla le leholo; ba tsamaya le bosiu, ba ya teela motse hare.

15. Mohlanka wa monna wa Modimo, ha a tsoha e sa le hosasa, a tswela ntle, a bona lekgotla le teetseng motse hare, le dipere, le makoloi. Mohlanka wa Elisha a re ho yena: Jo! monga ka, re tla etsa jwang?

16. Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.

17. Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.

18. Basiria ha ba etla ho yena, Elisha a rapela Jehova, a re: Otla setjhaba sena ka bofufu hle. A ba otla ka bofufu, ka polelo ya Elisha.

19. Elisha a re ho bona: Ena hase tsela; hape hase wona motse; tloong le nna, ke tle ke le ise ho monna eo le mmatlang. Mme a ba isa Samaria.

20. Yare ha ba kene Samaria, Elisha a re: Jehova, tutubolla mahlo a bona, ba tle ba bone. Jehova a tutubolla mahlo a bona, mme ba bona ba se ba le hare ho Samaria.

21. Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?

22. Elisha a re: O ke ke wa ba bolaya. Bao o ba hapileng ka sabole ya hao le ka seqha sa hao, na o ye o ba bolaye na? Bea bohobe le metsi pela bona, ba je, ba nwe, ba ntoo kgutlela ho morena wa bona.

23. Yaba o ba etsetsa dijo tse ngata, ba eja, ba enwa; a ntoo ba kgutlisa, mme ba ikela ho morena wa bona. Mme makgotla a Siria ha a ka a hlola a kena naheng ya Iseraele.

24. Kamora tseo, Ben-Hadade, Morena wa Syria, a phutha makgotla wohle a hae, a futuha, a ya thibella Samaria.

25. Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.

26. Morena wa Iseraele, ha a tsamaya hodima lerako, mosadi a howeletsa ho yena, a re: Mpholose, morena, monga ka.

27. A re: Ha Jehova a sa o pholose, nna ke tla o pholosa jwang? Na ekaba ke ka se tswang seotlong, kapa sehatelong na?

28. Morena a eketsa, a re: O tsietswa keng? Mosadi a re: Mosadi enwa o itse ho nna: Ntsha mora hao, re mo je kajeno; moraka re tla mo ja hosasane.

29. Re apehile moraka, re mo jele; jwale, ke itse ho yena ka le leng: Ntsha mora hao, re mo je; empa o patile mora hae.

30. Morena ha a utlwa taba tsa mosadi, a hahola diaparo tsa hae, a tsamaela pele hodima lerako; mme ha batho ba tadima, ba bona a apere lesela le mahwashe mmeleng wa hae kahare.

31. A re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha hlooho ya Elisha, mora Shafathe, e sa dula hodima hae kajeno!

32. Elisha o ba a dutse ha hae ka tlung, le baholo ba ne ba dutse le yena; morena a roma lenqosa la hae; empa lenqosa ha le eso ho fihle ho Elisha, yena a re ho baholo: Na le a bona hoba mora enwa wa mmolai o rometse ho nkgaola hlooho? Bonang, etlere ha lenqosa le etla, le kwale nmonyako, le tiise lemati pela lona; na diqi tsa maoto a monga lona ha di le latele na?

33. Ha a ntse a bua le bona, e se e le lona lenqosa, le theohelang ka ha hae; le re: Bonang, kotsi ena e tswa ho Jehova: ana ke sa tla lebella eng ho Jehova?