Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

2 Marena 20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho kula ha Esekiase. — O ekeletswa lemo tse 15. — Ho fihla manqosa a tswang Babilona.

1. Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.

2. Yaba o retelehela nqa leboteng, a rapela Jehova, a re:

3. Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.

4. Esaia o ne a eso ho tswe lebaleng le ka hare, ha lentswe la Jehova le mo fihlela, le re:

5. Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.

6. Ke tla eketsa le tshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano, ke o namolele wena le motse ona matsohong a morena wa Assiria, ke sireletse motse ona ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.

7. Hape, Esaia a re: Nkang motoho wa difeiye. Ba o nka, ba o bea sesong, mme Esekiase a fola.

8. Esekiase o ne a itse ho Esaia: Pontsho e tla ba efe ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ke tla nyolohela tlung ya Jehova ka la boraro na?

9. Esaia a re: Seo e tla ba pontsho ya Jehova ho wena ya hore Jehova o tla etsa taba eo a e boletseng ke sena: hleka o re, moriti o ye pele ka tekanyo tse leshome, kapa o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome na?

10. Esekiase a re: Ke ntho e nyenyane ha moriti o ka tlola tekanyo tse leshome; ho se ke ha eba jwalo, moriti o mpe o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome.

11. Ebile moporofeta Esaia o bitsa ho Jehova, mme a kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o neng o tsamaya teng.

12. Mehleng eo, Berodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase; hobane o ne a utlwile hore Esekiase o ne a kile a kula.

13. Esekiase a mamela taba tsa ba romilweng, a ba a ba bontsha ntlo ya hae yohle ya matlotlo, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole e nkgang hamonate, le ntlo ya dihlomo tsa hae, le tsohle tse ka bonwang dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba ntho eo Esekiase a sa kang a ba bontsha yona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.

14. Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tswa naheng e hole, Babilona.

15. A re: Ba boneng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka; ha ho ntho le e nngwe eo ke sa kang ka ba bontsha yona dipolokelong tsa ka.

16. Ebile Esaia o re ho Esekiase: Utlwa lentswe la Jehova:

17. Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.

18. Haele bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya borena ya morena wa Babilona.

19. Yaba Esekiase o re ho Esaia: Taba ena ya Jehova e ntle eo o e boletseng. A ntoo re: Na ha ho jwalo, ha kgotso le boiketlo di ka ba teng tshiung tsa ka na?

20. Haele taba tse ding tsa Esekiase, le matla a hae wohle, le kamoo a entseng letsha le moedi kateng, a tlisa metsi motseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

21. Yaba Esekiase o orohela ho bontatae, mme Manasse, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.