Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

2 Marena 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Marena a Juda le a Iseraele, ho tloha ho Josafate le ho Akasia, ho isa ho feleng ha mmuso wa Iseraele, 1 — 17.

Ho kula ha Akasia, morena wa Iseraele. — Elia o a mo kgalemela. — Ho shwa ha Akasia.

1. Eitse hobane Akabe a timele, Bamoabe ba fetohela Baiseraele.

2. Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?

3. Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na?

4. Ka baka lena, Jehova o re: O ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri. Yaba Elia o a ya.

5. Manqosa, ha a kgutla, morena a re ho wona: Le kgutletseng kapele na?

6. A re ho yena: Monna e mong o tlile, a re kgahlanyetsa, a re ho rona: Boelang ho morena ya le romileng, le re ho yena: Jehova o re: Na ke ho re, ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo o rometse ho botsa Baale-Sebube modimo wa Ekrone na? Ka baka lena, o ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.

7. A re: E be e le monna ya jwang, ya tlileng a le kgahlanyetsa, a le bolella taba tseo na?

8. Ba re ho yena: E ne e le monna ya apereng boya, ya itlamileng letheka ka leqhama la letlalo. Yena a re: Ke Elia wa Thishba.

9. Yaba morena o romela ho Elia molaodi wa banna ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano. A tla ho yena, a mmona a dutse hodima thaba, a re ho yena: Monna wa Modimo, morena o re, o theohe.

10. Elia a fetola molaodi wa ba mashome a mahlano, a re ho yena: Ha ke le monna wa Modimo, mollo ha o theohe lehodimong, o o bolaye wena le ba hao ba mashome a mahlano. Yaba mollo o theoha lehodimong, wa mmolaya le ba hae ba mashome a mahlano.

11. Akasia a pheta a romela ho Elia molaodi e mong wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; a ya mmolella, a re: Monna wa Modimo, morena o re: O theohe kapele.

12. Elia a ba fetola, a re: Ha ke le monna wa Modimo, mollo ha o theohe lehodimong, o o bolaye wena le ba hao ba mashome a mahlano. Yaba mollo wa Modimo o theoha lehodimong, wa mmolaya le ba hae ba mashome a mahlano.

13. Akasia a romela hape la boraro molaodi wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; mme molaodi wa boraro wa ba mashome a mahlano a nyoloha, a tla, a kgumama ka mangole pela Elia, a mo rapela, a re ho yena: Monna wa Modimo, bophelo ba ka le bophelo ba bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e be ba bohlokwa mahlong a hao.

14. Bona, mollo o theohile lehodimong, o bolaile balaodi ba babedi ba mashome a mahlano, ba tlileng pele, e mong le e mong le ba mashome a mahlano ba hae; ka baka lena, bophelo ba ka e be ba bohlokwa mahlong a hao!

15. Yaba lengeloi la Jehova le re ho Elia: Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba. Yaba o tloha, a theoha le yena ho ya ho morena.

16. A re ho yena: Jehova o re: Erekaha o rometse manqosa ho botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, jwaloka eka ha ho Modimo Iseraeleng, oo o ka botsang taba ho wona, ka baka leo, ha o ka ke wa theoha malaong ana o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.

17. A shwa ka polelo ya Jehova, eo Elia a e boletseng. Jorame ya eba morena tulong tsa hae, hobane Akasia a ne a se na mora, e le ka selemo sa bobedi sa Jorame, mora Josafate, morena wa Juda.

18. Ha e le taba tse ding tsa Akasia, le tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ho phela ha marena a Iseraele?