Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Tshimoloho 45 BIBELE (SSO89SO)

Josefa o itsebisa bana babo

1. Josefa a sitwa ho itiisa ha a le kapele ho bohle ba neng ba eme pela hae, mme a phahamisa lentswe, a re: “Ntshetsang batho bohle kantle!” Ho ne ho se motho pela hae, ha Josefa a itsebisa bana babo.

2. Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo.

3. Josefa a re ho bana babo: “Ke nna Josefa; na ntate o sa phela?” Empa bana babo ba sitwa ho mo arabela, hobane ba ne ba tshohile ha ba bona hore o a phela.

4. Kahoo Josefa a re ho bana babo: “Atamelang ho nna hle!” Yaba ba a atamela, mme a re ho bona: “Ke nna Josefa, ngwanabo lona, eo le neng le mo rekise Egepeta.

5. Le se ke la itshwabela, leha e le ho ikgalefela, kahobane le nthekisitse mona. Modimo o ntlisitse mona pele ho lona, hore bophelo bo tle bo bolokehe.

6. Tlala e se e aparetse naha ka dilemo tsena tse pedi, empa ho sa na le dilemo tse hlano tseo ka tsona ho sa tlo lengwa le ho kotulwa.

7. Modimo o nthometse mona pele ho lona, hore le be le ditloholo naheng ena, le ho le baballa, hore le tle le pholohe le le bangata.

8. “Hase lona le nthometseng mona, empa ke Modimo. O nkentse moeletsi wa Faro, le morena wa lelapa lohle la hae, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.

9. Potlakang, le nyolohele ho ntate, le re ho yena: <Mora wa hao Josefa o re Modimo o nkentse mmusi wa Egepeta yohle; theohela ho nna, o se ke wa dieha.

10. O tla jaka seterekeng sa Goshene, o tlo be haufi le nna, wena le bara ba hao, le ditloholo tsa hao, le mehlape ya hao ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo o nang le tsona.

11. Ke tla o baballa teng, hobane ho sa tla dilemo tse hlano tsa tlala, esere mohlomong wena, le ba lelapa la hao, le tsohle tseo o nang le tsona, la futsaneha.>

12. “Jwale le a mpona, le mahlo a moena ka Benjamine a a bona hore ke molomo wa ka o buang le lona.

13. Tsebisang ntate hlompho yohle eo ke nang le yona mona Egepeta, le tsohle tseo le di boneng. Potlakang, le theolele ntate kwano.”

14. Yaba o kopa moena hae Benjamine ka molala, o a lla; le meokgo ya Benjamine ya tsholohela molaleng wa ngwanabo.

15. A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.

16. Ha ho bolelwa tlung ya Faro, ho thwe: “Bana babo Josefa ba fihlile.” Faro a thaba, le bahlanka ba hae ba thaba.

17. Yaba Faro o re ho Josefa: “Ere ho bana beno: <Etsang tjena: bofang dipelesa tsa lona, le kgutlele naheng ya Kanana.

18. Le late ntata lona le ba malapa a lona, le tle ho nna, mme ke tla le nea moo naha ya Egepeta e nonneng teng, le je mafureng a naha.>

19. “Ba laele hape, o re: <Etsang tjena: Nkang makoloi mona Egepeta, le yo lata bana ba lona le basadi ba lona; le nke le ntata lona, le tle kwano.

20. Se lleleng thepa ya lona e salang, hobane tse molemo tsa naha yohle ya Egepeta ke tsa lona.> ”

21. Bara ba Iseraele ba etsa jwalo. Josefa a ba nea makoloi ho ya ka taelo ya Faro, a ba nea le mofao.

22. Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha.

23. Ho ntatae a romela tsena: ditonki tse leshome, tse bofileng dintho tsa bohlokwa tsa Egepeta; le ditonki tse leshome, tse tshehadi, tse bofileng koro, le bohobe, le mofao wa ntatae.

24. Jwale a re bana babo ba tsamaye, mme ba tsamaya. A re ho bona: “Le se ke la qabana ha le le tseleng.”

25. Ba nyoloha Egepeta, ba ya fihla naheng ya Kanana, ho ntata bona Jakobo.

26. Ba mmolella, ba re: “Josefa o ntse a phela, ke yena mmusi wa naha yohle ya Egepeta.” Jakobo a sitwa ho bua, hobane o ne a sa kgolwe.

27. Empa eitse ha ba mmolella dipolelo tsohle tseo Josefa a di buileng ho bona, le ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho tla mo lata, a tsoha molota.

28. Yaba Iseraele o re: “Ho lekane; mora wa ka Josefa o ntse a phela. Ke tla ya, ke yo mmona ke eso shwe.”