Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Tshimoloho 3 BIBELE (SSO89SO)

Noha e eka mosadi

1. Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: <Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng>?”

2. Mosadi a araba noha, a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng,

3. empa ha e le ditholwana tsa sefate se bohareng ba serapa, Modimo o itse: <Le se ke la di ja, le ho di thetsa le se ke la di thetsa, esere la shwa.> ”

4. Jwale noha ya re ho mosadi: “Ruri ha le ka ke la shwa!

5. Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.”

6. Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.

7. Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.

Modimo o ahlola motho

8. Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa.

9. Morena Modimo a bitsa monna, a re ho yena: “O hokae na?”

10. Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.”

11. Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?”

12. Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.”

13. Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?”Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”

14. Morena Modimo a re ho noha:“Hara makgomo wohle,le diphoofolo tsohle tsa naha,o rohakehile,kahobane o entse sena!O tla holoba ka mpa ya hao,o je lerole ka matsatsi wohlea ho phela ha hao.

15. Ke tla hlahisa borapakeng tsa hao le mosadi,le pakeng tsa madinyane a haole bana ba hae.Bana ba haeba tla kgoba hlooho ya hao;wena o tla ba loma serethe.”

16. A re ho mosadi:“Ha o ithwetse,ke tla o atisetsa bohloko.O tla beleha bana ka bohloko,o lakatse monna wa hao,mme yena a o buse.”

17. Jwale ho Adama a re:“Kahobane o mametse poleloya mosadi wa hao,wa ja sefate seo ke ileng ka o laela,ka re: <O se ke wa se ja,>mobu o rohakehile ka baka la hao.O tla ja tse tswang ho wonaka ho sebetsa ka thata,ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.

18. Mobu ooo tla o medisetsa meutlwa,o o medisetse le tshehlo,o je meroho ya naha.

19. O tla ja bohobeka mofufutso wa phatla ya hao,ho fihlela o boela mobung,hobane o ntshitswe mobung,o lerole,mme o tla boela leroleng!”

20. Monna a rea mosadi lebitso la Eva, hobane ke yena mma batho bohle ba phelang.

21. Yaba Morena Modimo o etsetsa Adama le mosadi wa hae diaparo tsa matlalo, a ba apesa.

Motho o lelekwa serapeng sa Edene

22. Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!”

23. Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.

24. A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.