Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

1 Diketsahalo 6 BIBELE (SSO89SO)

Bara ba Levi

1. Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.

2. Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele.

3. Bana ba Amorame ke Arone, le Moshe, le Meriama; bara ba Arone ke Nadabe, le Abidu, le Eleasare, le Itamare.

4. Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,

5. Abishua a tswala Buki, Buki a tswala Usi,

6. Usi a tswala Seraya, Seraya a tswala Meraote,

7. Meraote a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube,

8. Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase,

9. Ahimase a tswala Asariya, Asariya a tswala Johanane;

10. Johanane a tswala Asariya. Enwa ke yena ya neng a sebeletsa ka Tempeleng eo Solomone a ileng a e haha Jerusalema.

11. Asariya a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube,

12. Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Shalome,

13. Shalome a tswala Hilekiya, Hilekiya a tswala Asariya,

14. Asariya a tswala Seraya, Seraya a tswala Jehosadaka.

15. Jehosadaka ya eba mothopuwa ha Morena a etsa hore Nebukadenesare a thope Juda le Jerusalema.

16. Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.

17. Ana ke mabitso a bara ba Gereshone: Lebeni, le Shimei.

18. Bana ke bara ba Kohate: Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele.

19. Bana ke bara ba Merari: Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a morabe wa Levi, ho ya ka bo-ntata bona.

20. Ba lelapa la Gereshone: Gereshone a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Johate, Johate a tswala Simma,

21. Simma a tswala Jowa, Jowa a tswala Ido, Ido a tswala Sera, Sera a tswala Jeaterai.

22. Bara ba Kohate: Kohate a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Kora, Kora a tswala Asire,

23. Asire a tswala Elekana, Elekana a tswala Abiasafo, Abiasafo a tswala Asire,

24. Asire a tswala Tahate, Tahate a tswala Uriele, Uriele a tswala Usiya, Usiya a tswala Shaule.

25. Bara ba Elekana ke Amasai le Ahimote;

26. Ahimote a tswala Elekana, Elekana a tswala Sofai, Sofai a tswala Nahate,

27. Nahate a tswala Eliabe, Eliabe a tswala Jerohame, Jerohame a tswala Elekana, Elekana a tswala Samuele.

28. Bara ba Samuele: Joele ke letsibolo la hae, a hlahlangwa ke Abiya.

29. Bara ba Merari: Merari a tswala Mahele, Mahele a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Shimei, Shimei a tswala Usa,

30. Usa a tswala Shima, Shima a tswala Hagiya, Hagiya a tswala Asaya.

Dibini tsa Tempele

31. Bana ke banna bao Davida a ileng a ba kgetha ho tsamaisa mmino ka Tempeleng ya Morena, kamora hoba areka e fihle Jerusalema.

32. Ha Solomone a eso ka a haha Tempele ya Morena, Jerusalema, ba ne ba ye ba binele kapele ho areka, ka Tenteng ya Morena. Ba ne ba bina ka ho hlahlamana, ho latela lenane le neng le hlophisitswe.

33. Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele,

34. Samuele mora wa Elekana, Elekana mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Eleele, Eleele mora wa Towa,

35. Towa mora wa Sufe, Sufe mora wa Elekana, Elekana mora wa Mahate, Mahate mora wa Amasai,

36. Amasai mora wa Elekana, Elekana mora wa Joele, Joele mora wa Asariya, Asariya mora wa Sofonea,

37. Sofonea mora wa Tahate, Tahate mora wa Asire, Asire mora wa Abiasafo, Abiasafo mora wa Kora,

38. Kora mora wa Isihare, Isihare mora wa Kohate, Kohate mora wa Levi, Levi mora wa Iseraele.

39. Ya neng a bina a eme ka letsohong le letona le Hemane, ke Asafo: Asafo mora wa Berekiya, Berekiya mora wa Shima,

40. Shima mora wa Mikaele, Mikaele mora wa Baaseya, Baaseya mora wa Malakiya,

41. Malakiya mora wa Eteni, Eteni mora wa Sera, Sera mora wa Adaya,

42. Adaya mora wa Etane, Etane mora wa Simma, Simma mora wa Shimei,

43. Shimei mora wa Johate, Johate mora wa Gereshone, Gereshone mora wa Levi.

44. Bana babo bona, e leng bara ba Merari, ba neng ba bina ba le ka letsohong la hae le letshehadi ke Etane mora wa Kishi, Kishi mora wa Abade, Abade mora wa Maloke,

45. Maloke mora wa Hashabiya, Hashabiya mora wa Amasiya, Amasiya mora wa Hilekiya,

46. Hilekiya mora wa Amasi, Amasi mora wa Bani, Bani mora wa Shemere,

47. Shemere mora wa Mahele, Mahele mora wa Mushi, Mushi mora wa Merari, Merari mora wa Levi.

48. Balevi ba bang ba ne ba abetswe mesebetsi e meng yohle ka Tenteng ya Morena.

Ditloholo tsa Arone

49. Bo-Arone le ditloholo tsa hae e ne e le bona ba etsetsang nyehelo ya setjheso hodima aletare ya mahlabelo, ba tjhesetsang le mokubetso hodima aletare ya mokubetso. Ba ne ba bile ba etsa tsohle tse neng di etswa ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, ba etsetsa Iseraele tefelo ya dibe, ho latela tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a di laetse.

50. Bana ke bara ba Arone: Arone a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,

51. Abishua a tswala Buki, Buki a tswala Usi, Usi a tswala Seraya,

52. Seraya a tswala Meraote, Meraote a tswala Amariya, Amariya a tswala Ahitube,

53. Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase.

Dibaka tsa Balevi

54. Ena ke meedi ya dibaka tseo ba morabe wa Kohate, e leng ditloholo tsa Arone, ba ileng ba di abelwa ka lotho, mme ba haha ho tsona.

55. Ba ile ba abelwa Heborone e naheng ya Juda, le makgulo a e potapotileng.

56. Empa ha e le masimo a motse le metsana ya yona, a ile a abelwa Kalebe, mora wa Jefune.

57. Bara ba Arone ba newa metse ena e naheng ya Juda: Heborone, motse oo ho tshabelwang ho wona, le Lebena le makgulo a yona, le Jatire le makgulo a yona, le Eshetemoa le makgulo a yona,

58. le Hilene le makgulo a yona, le Debiri le makgulo a yona,

59. le Ashane le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona.

60. Naheng ya ba morabe wa Benjamine ba abelwa Geba le makgulo a yona, le Alemete le makgulo a yona, le Anatote le makgulo a yona.Kaofela metse ya bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne le leshome le metso e meraro.

61. Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa ka lotho metse e leshome naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase.

62. Ditloholo tsa Gereshone, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e meraro naheng ya ba morabe wa Isakare, le ho ya ba morabe wa Ashere, le ho ya ba morabe wa Nafthali, le ho ya ba morabe wa Manase, ba ahileng Bashane.

63. Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho.

64. Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona.

65. Metse ena e seng e boletswe ka mabitso, e neng e le ya ba morabe wa Juda, le wa Simeone, le wa Benjamine, ba e abelwa ka lotho.

66. Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa metse naheng ya ba morabe wa Efraime.

67. Ba abelwa metse eo ho tshabelwang ho yona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona,

68. le Jokomeame le makgulo a yona, le Bete-Horone le makgulo a yona;

69. le Aiyalone le makgulo a yona, le Gate-Rimone le makgulo a yona.

70. Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Anere le makgulo a yona, le Bileame le makgulo a yona. Metse ena ya abelwa malapa a setseng a ba morabe wa Kohate.

71. Ba morabe wa Gereshone ba abelwa metse ena: Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Golane e Bashane le makgulo a yona, le Ashetorate le makgulo a yona.

72. Naheng e abetsweng ba morabe wa Isakare ba abelwa Kedeshe le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,

73. le Rama le makgulo a yona, le Anema le makgulo a yona.

74. Naheng e abetsweng ba morabe wa Ashere ba abelwa Mashala le makgulo a yona, le Abadone le makgulo a yona,

75. le Hukoke le makgulo a yona, le Rehobe le makgulo a yona.

76. Naheng e abetsweng ba morabe wa Nafthali ba abelwa Kedeshe e Galelea le makgulo a yona, le Hamone le makgulo a yona, le Kiriataime le makgulo a yona.

77. Naheng ya ba morabe wa Sebulone, karolo e setseng ya ba morabe wa Merari ya abelwa Rimone le makgulo a yona, le Tabore le makgulo a yona.

78. Mose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, naheng ya ba morabe wa Rubene, ba abelwa Besere e lehwatateng le makgulo a yona, le Jahasa le makgulo a yona,

79. Le Kedemote le makgulo a yona, le Mefaata le makgulo a yona.

80. Naheng ya ba morabe wa Gade ba abelwa Rama e Gileade le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,

81. le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona.