Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

1 Diketsahalo 20 BIBELE (SSO89SO)

Davida o hapa motse wa Raba

1. Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di tlwaetseng ho futuha ka yona, Joabe a tswa le mabotho, me a ripitla naha ya Baamone. Kamorao ho moo a ya etsetsa motse wa Raba thibella. Ha e le Davida yena o ne a setse Jerusalema. Joabe a hlola motse wa Raba, mme a o timetsa.

2. Davida a rodisa kgosi ya bona mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e le dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. O ne o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa, mme ba o rwesa Davida. A tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata,

3. a bile a hapile le baahi ba motse oo; a ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse jwalo. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle.

Dintwa tsa Baiseraele le diqhobane tsa Bafilesita

4. Kamorao ho mona, ntwa ya qhoma Gesere, pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Sibekai wa Mohusha a bolaya Sipai, eo e neng e le seqhobane, mme Bafilesita ba hlolwa.

5. Ntwa ya boela ya qhoma pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Elehanana, mora wa Jaire, a bolaya Lahemi, ngwanabo Goliate wa Mogate, eo theko ya lerumo la hae e neng e le kaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang.

6. Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate, moo ho neng ho ena le safola ya monna. Le leng le le leng la matsoho a hae le maoto a hae le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene. Le yena e ne e le seqhobane.

7. Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya, hobane o ne a ile a nyedisa Baiseraele.

8. Batho bana ba ne ba tswetswe ke diqhobane tsa Gate; feela ba ile ba bolawa ke Davida le bahlanka ba hae.