Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

2 Bakorinthe 9 BIBELE (SSO89SO)

Dithuso tse etsetswang badumedi

1. Tabeng ya dithuso tse etsetswang badumedi, ha ho hlokahale hore ke le ngolle letho.

2. Ke tseba hore le thahasella ho thusa, mme ke ithorisitse ka hona ho ba Masedonia, ka bolela hore ba Akaya ba se ba itokiseditse ho thusa ho tloha ngwahola. Mafolofolo a lona a phaphamisitse batho ba bangata.

3. Jwale ke roma bana babo rona ho lona, e le hore boithoriso boo ba rona tabeng ena bo se ke ba fetoha lefeela, lona le mpe le fumanwe le itokiseditse ho thusa jwalokaha ke boletse.

4. Ho seng jwalo, ha ba bang ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba fumana hore ha le a itokisa, tshepo e kaalo eo re e beileng ho lona e tla re fetohela dihlong, ke se ke sa re letho ka lona.

5. Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha.

6. Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo.

7. Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.

8. Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.

9. Ke sona se ngotsweng, ha ho thwe:“O fana ka matsoho a mabediho mafutsana,ho loka ha haeho hlola kamehla yohle.”

10. Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.

11. O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabedi. Ka rona, hona ho tla tswala teboho e iswang ho Modimo.

12. Efela tshebetso ena ya ho thusa, hase feela e tla fokotsa bohloki ba badumedi, empa e tshwanetse ho ba mohlodi wa diteboho tse kgaphatsehang tse iswang ho Modimo.

13. Ka ho ananela tshebetso eo, ba bangata ba tla tlotlisa Modimo ka baka la hobane le ikokobeletsa molaetsa o molemo wa Kreste oo le o pakang, le ka baka la hobane ka ho fana le arolelana le bona, esita le ba bang bohle.

14. Ba tla le rapella, hobane ba le rata ka baka la mohau o moholo oo Modimo a le etseditseng wona.

15. A re leboheng Modimo ka mpho ya hae e ke keng ya lekanngwa!