Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

2 Bakorinthe 10 BIBELE (SSO89SO)

Paulosi o sireletsa tshebetso ya hae

1. Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.

2. Jwale ke le kopa hore, ha ke le teng hara lona, ke se ke ka ba tau eo ke ikemiseditseng ho ba yona ka sebete, ho ba reng re laolwa ke botho.

3. Le hoja re le batho, ha re lwanele tsa botho.

4. Dihlomo tseo re lwanang ka tsona hase tsa botho, ke tse matla, tsa Modimo, tse heletsang diqhobosheane. Re shanofatsa dipolelo tsa bohata,

5. le tsohle tsa boikgantsho tse lwantshang ho tseba Modimo, mme re tlamella merero yohle hore e ikokobeletse Kreste.

6. Mohla lona le seng le mamela ka mokgwa o phethehileng, re ikemiseditse ho kgalemela ho se mamele hohle.

7. Tadimang ditaba ho ya kamoo di leng kateng. Haeba e mong a ikgodisitse hore ke wa Kreste, a ke a nahane le hore le rona re ba Kreste jwaloka yena.

8. Leha nka ithorisetsa matla a rona haholwanyane, ao Morena a re neileng wona ho le matlafatsa, e seng ho le fedisa, ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.

9. Ha ke rate ho bonahala eka ke le tshosa ka mangolo,

10. hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”

11. Ya jwalo a ke a hopole hore seo re leng sona mangolong ka dipolelo ha re le siyo, leha re le teng re ntse re le sona ka mosebetsi.

12. Ho hang ha re a lokela ho ikopanya kapa ho itshwantsha le ba bang ba ikemelang. Empa ke dithoto, hobane tekanyo eo motho wa bona a itekanyang ka yona ke yena ka boyena, o ipapisa le yena ka boyena.

13. Rona ha re ka ke ra ithorisa ho feta tekanyo, haese ka ho ya ka tekanyetso ya mosebetsi oo Modimo a re abetseng wona, esita le ho tla fihla mona ho lona.

14. Ha re a tlola moedi wa rona, e leng se ka beng se etsahetse haeba a ne a sa akareletsa le lona, hobane re bile re fihlile le ho lona mona ho bolela molaetsa o molemo wa Kreste.

15. Ha re ithorise ho feta tekanyo ka mosebetsi o entsweng ke ba bang, empa tshepo ya rona ke hore ha tumelo ya lona e hola hara lona, le mosebetsi wa rona o tla hola, feela re sa tlole moedi wa rona.

16. Re tla bolela molaetsa o molemo le dinaheng tse ka nqane ho lona, re sa ithorise ka mosebetsi o seng o entswe dibakeng tsa ba bang.

17. Empa ya ithorisang a ke a ithorise ka Morena,

18. hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.