Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Sakaria 9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ditjhaba di tla hlolwa. — Jerusalema o tla pholoha. — Puso ya Jehova.

1. Ke bona boporofeta ba boletsweng ke Jehova hodima lefatshe la Hadrake, mme bo tla dula hodima Damaseka, — hobane Jehova o qamaka batho bohle, jwalokaha a qamaka meloko yohle ya Iseraele;

2. bo dule le hodima Hamathe ya bapileng le yena, le hodima Tire le Sidone, hobane Tire o bohlale haholo.

3. O ikgahetse qhobosheane, o bokeletse silefera jwaloka lerole, le kgauta jwaloka seretse sa mmila!

4. Bonang, Morena o tla mo hapa, a dihele matla a hae lewatleng, mme o tla tjheswa ke mollo.

5. Ashkelone o tla ho bona, a tshohe; le yena Gasa, mme a thothomele haholo; le yena Ekrone, hobane o tla swaba ka baka la tebello ya hae. Gasa o tla timellwa ke morena wa hae, Ashkelone ha a sa tla ahuwa.

6. Bana ba dinyatsi ba tla aha Ashdode, mme ke tla fedisa boikgohomoso ba Mofilesta.

7. Ke tla tlosa madi a hae molomong wa hae, le manyala a hae mahareng a meno a hae; le yena o tla salla Modimo wa rona, mme o tla ba jwaloka kgosana hara Juda, Ekrone a be jwaloka Mojebuse.

8. Ke tla ema pela ntlo ya ka, ke e sirelletse sera, le ya yang, le ya kgutlang, mme mohlorisi ha a sa tla tsamaya hodima bona; hobane jwale, ke bone ka mahlo a ka.

9. Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.

10. Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.

11. Haele wena, ka baka la madi a selekane sa hao, ke tla lokolla batshwaruwa ba hao sekoting se se nang metsi.

12. Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi.

13. Hobane ke tla ikobela Juda jwaloka seqha, ke se tjhehe ka Efraime; ke tla tsosa bara ba hao, Sione, ke ba nehelle bara ba hao, Jafane; ke tla o etsa o be jwaloka lerumo la senatla.

14. Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa;

15. Jehova wa makgotla o tla ba sireletsa; ba tla ja dira tsa bona, ba hatakele majwe a matjeketjane; ba tla nwa madi a tsona, ba be ba hobe jwaloka hoja ba nwele veine; ba tla tlala jwaloka morifi wa mahlabelo, jwaloka dintlha tsa aletare.

16. Jehova, Modimo wa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, jwaloka mohlape oo e leng setjhaba sa hae; hobane ba tla ba jwaloka mahakwe a phatsimang a moqhaka lefatsheng la hae.

17. Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.