Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Sakaria 3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela.

2. Jehova a re ho Satane: Jehova a ke a o kgalemele, Satane! Jehova ya ikgethetseng Jerusalema a o kgalemele! Enwa na hase lefatsa le ntshitsweng mollong?

3. Joshua o ne a apere diaparo tse ditshila, a eme pela lengeloi.

4. Yaba lengeloi le ahlamisa molomo, la bolella ba emeng pela lona, la re: Mo hlobodiseng diaparo tse ditshila. La re ho yena: Bona, ke lahlela bokgopo ba hao hole le wena, ke o apesa diaparo tsa bokgabane.

5. Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo.

6. Yaba lengeloi la Jehova le omela Joshua, la re:

7. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.

8. Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!

9. Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng.

10. Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye.