Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Levitike 21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Melao e disang baprista.

1. Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo,

2. haese ka ba tswalaneng le yena, ba madi a le mang le yena, jwaloka mmae, kapa ntatae, kapa mora wa hae, kapa moradi wa hae, kapa ngwanabo,

3. leha e le kgaitsedi ya hae, eo e sa leng morwetsana eo a nang le yena, ya esong ho be le monna.

4. Ha ho a tshwanela hore eo e leng hlooho hara setjhaba sa habo, a ipee sesila ka ho itlhompholla.

5. Baprista ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, leha e le ho tlosa mathoko a ditedu tsa bona, mme ba se ke ba phatsa mmele ya bona ka lehare.

6. Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona.

7. Ba se ke ba nyala seotswa, leha e le mosadi ya tlotlolotsweng, ba se ke ba nyala le mosadi ya hladilweng ke monna wa hae, hobane ba kgethetswe Modimo wa bona.

8. O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.

9. Ekare ha moradi wa moprista a itlhompholla ka ho iketsa seotswa, o hlompholla ntatae; o tla tjheswa mollong.

10. Moprista e leng e moholo hara banababo, ya tshetsweng ole ya tlolo hloohong, ya kgethilweng, ya apesitsweng diaparo tse kgethehileng, a se ke a rola hloohong ya hae, leha e le ho hahola diaparo tsa hae.

11. A se ke a atamela mofu; esita le ka ntatae, leha e le ka mmae, a se ke a ipea sesila.

12. A se ke a tswa sehalalelong, mme a se ke a hlompholla sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane ole ya tlolo ya Modimo wa hae ke mofapahlooho hloohong ya hae. Ke nna Jehova.

13. O tla inkela mosadi ya esong ho tsebe monna.

14. A se ke a nyala mohlolohadi, leha e le mosadi ya hladilweng, kapa ya tlotlolotsweng, kapa seotswa; empa o tla ikgethela morwetsana ya esong ho tsebe monna hara setjhaba sa habo.

15. A se ke a hlompholla lesika la hae hara setjhaba sa habo; hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.

16. Jehova a boela a bolella Moshe, a re:

17. Bolella Aarone, o re: Leha e ka ba mang le mang hara ditloholo tsa hao, melokong ya hao, ya nang le sekodi mmeleng, a se ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae.

18. Motho ofe le ofe ya nang le sekodi mmeleng wa hae, a se ke a atamela, kapa e leng sefofu, kapa sehlotsa, kapa ya nko e pharameng, kapa ya nang le setho se bolelele bo tlodisang tekanyo,

19. kapa ya nang le leoto leha e le letsoho le robehileng,

20. kapa ya lekgutla, kapa e mokgutshwanyane, kapa ya nang le pabela leihlong, kapa ya lekgwekgwe, kapa setshwa, kapa eo marete a hae a pshatlehileng.

21. Hara ditloholo tsa Aarone moprista, ha ho ya nang le sekodi mmeleng, ya tlang ho dumellwa ho hlahisetsa Jehova mahlebelo a tjheswang ka mollo; o na le sekodi; a ke ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae.

22. A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.

23. Feela, a se ke a atamela pela lesira, leha e le pela aletare, hobane o na le sekodi; a se ke a tlotlolla meaho ya ka e halalelang, hobane ke nna Jehova ya e halaletsang.

24. Ditaba tseo, Moshe a di bolela jwalo ho Aarone, le ho bara ba hae, le ho bana ba Iseraele kaofela.