Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Levitike 15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Molao o disang ditshila tsa monna le tsa mosadi.

1. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:

2. Bolellang bana ba Iseraele, le re ho bona: Monna e mong le e mong ya nang le ho dutla mmeleng wa hae, o sesila ka baka la ho dutla ha hae.

3. Ka baka la ho dutla ha hae o sesila; leha mmele wa hae o keleketlisa ho dutla hoo ha hae, kapa a ho thibela, o sesila.

4. Diphate tsohle tseo a robalang ho tsona, di sesila, le ntho e nngwe le e nngwe eo a dulang hodima yona, e sesila.

5. E mong le e mong ya amang diphate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.

6. Ya ka dulang moo monna eo a neng a dutse teng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.

7. Ya amang mmele wa monna eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme a be sesila ho isa mantsiboya.

8. Ekare ha ya dutlang a ka tshwela e mong ya hlwekileng ka mathe, eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

9. Qhana efe le efe eo monna eo a kileng a palama ka yona, e tla ba sesila.

10. E mong le e mong ya tlang ho ama ntho efe le efe e neng e le tlasa hae, o tla ba sesila ho isa mantsiboya; ya ileng a e jara e ka kgona a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme a be sesila ho isa mantsiboya.

11. Motho eo monna eo a mo amang, a sa ka a hlapa matsoho pele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme a be sesila ho isa mantsiboya.

12. Pitsa e nngwe le e nngwe ya letsopa e amilweng ke monna eo, e tla thuhakanngwa; haeba ke morifi wa lehong, o tla hlatsuwa ka metsi.

13. Etlare ha monna eo a fodile, o tla bala matsatsi a supileng a ho itlhatswa; o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe mmele wa hae metsing a molatswana; etlaba o hlwekile.

14. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla inkela maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a maeba a mabedi; o tla itlhahisa pela Jehova monyako wa tente ya pokano, mme o tla a neela moprista ya tlang ho a hlahisa;

15. le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista a mo etsetse pheko jwalo pela Jehova, ka baka la ho dutla ha hae.

16. Etlare ha monna a hlapile, o tla hlatswa mmele wa hae kaofela metsing, a be sesila ho isa mantsiboya:

17. seaparo se seng le se seng le letlalo le leng le le leng le rothetsweng ke mohlapo, e tla hlatsuwa, e tla ba sesila ho isa mantsiboya.

18. Ekare ha mosadi a kopana jwalo le monna, ba tla itlhatswa metsing ba babedi, ba be sesila ho isa mantsiboya.

19. Etlare ha mosadi a idile moilo wa hae o tswang mmeleng wa hae, o tla ba le sesila ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ya mo amang, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

20. Phate tseo a robetseng hodima tsona a sa ntse a le sesileng sa hae, di tla ba sesila, mme ntho efe le efe eo a ka dulang hodima yona, e tla be sesila.

21. E mong le e mong ya tlang ho ama phate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.

22. E mong le e mong ya tlang ho ama ntho eo a neng a dutse hodima yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.

23. Ya tlang ho ama ntho e beilweng hodima diphate tsa hae, leha e le hodima seo a neng a dutse hodima sona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

24. Ekare ha monna a robetse le yena, mme sesila sa moilo wa hae se mo amile, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng, mme diphate kaofela tseo a tlang ho robala ho tsona di tla ba sesila.

25. Ekare ha mosadi a ka ba le letlang kantle ho kgwedi ya hae, kapa letlang la hae le ka feta dinako tsa lona, o tla ba sesila ka matsatsi wohle a letlang la hae, jwaloka mohla a idileng.

26. Diphate kaofela tseo a robetseng ho tsona ha a ntse a ena le letlang, di tla ba jwaloka diphate tsa hae tsa mohla a idileng, mme dintho tsohle tseo a dulang hodima tsona di tla ba sesila, ka sesila se le seng le sa ho ila ha hae.

27. E mong le e mong ya di amang, o tla itshela sesila, mme o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.

28. Etlare hobane letlang la hae le kgaotse, o tla bala matsatsi a supileng, mme etlaba o hlwekile.

29. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla inkela maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a maeba a mabedi, ao a tlang ho a hlahisa ho moprista monyako wa tente ya pokano.

30. Moprista o tla hlahisa le leng, e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova ka baka la letlang le neng le mo tshetse sesila.

31. Le tla kgaohanya jwalo bana ba Iseraele le tseo ba itshelang sesila ka tsona, hore ba se ke ba shwela ditshileng tsa bona, ka ho silafatsa tente ya ka ya pokano e hara bona.

32. Ke oo molao o beetsweng modutli, le ya leng sesila ka mohlapo,

33. le mosadi ya idileng, le ya nang le ho dutla, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, le ya robalang le mosadi ya dutseng sesileng sa hae.