Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Mattheu 25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Setshwantsho sa barwetsana ba leshome, le sa ditalenta.

1. Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi.

2. Ba bahlano ho bona e be e le ba bohlale, ba bahlano ba bang e be e le mawatla.

3. Mawatla ha a nka dilampi tsa wona, ha a ka a di nkela ole.

4. Empa ba bohlale ba nka ole dipitseng tsa bona, hammoho le dilampi tsa bona.

5. Jwale kahobane monyadi a diehile, ba otsela bohle, ba robala.

6. Yare bosiu bo boholo, ha etswa mohoo, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tswang, le mo kgahlanyetse.

7. Yaba barwetsana bao kaofela ba tsoha, ba lokisa dilampi tsa bona.

8. Mawatla a re ho ba bohlale: Le re qhatsetse ole, hobane dilampi tsa rona di a tima.

9. Empa ba bohlale ba araba, ba re: Tjhe; e ke ke ya lekana rona le lona; eyang ho bao e rekwang ho bona, le ithekele.

10. Ba re ba sa ya ithekela, monyadi a fihla, mme ba itokisitseng ba kena le yena bohading, mme ha kwalwa monyako.

11. Barwetsana ba bang ba ntoo fihla, ba re: Morena, Morena, re bulele!

12. Empa a ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ke le tsebe.

13. Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona.

14. Hobane ho jwaloka motho ya etang, eo eitseng hobane a bitse bahlanka ba hae, a ba neela letlotlo la hae.

15. A nea e mong ditalenta tse hlano, e mong a mo nea di le pedi, e mong a newa e le nngwe; e mong le e mong a newa ka matla a hae; yaba o a tsamaya.

16. Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.

17. Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.

18. Empa ya nkileng talenta e le nngwe, a ya, a tjheba fatshe, mme a epela tjhelete ya morena wa hae.

19. Tshiu tse ngata ha di fetile, morena wa bahlanka bao a fihla, mme a hlahloba ditaba le bona.

20. Yaba ya nkileng ditalenta tse hlano o tla, a hlahisa tse ding tse hlano, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse hlano; bona, ke ruile tse ding tse hlano kahodima tsona.

21. Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.

22. Ha tla le ya neilweng ditalenta tse pedi, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse pedi; bona, ke ruile tse ding tse pedi kahodima tsona.

23. Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.

24. Ya neilweng talenta e le nngwe le yena a tla, a re: Morena, ke o tsebile hobane o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa hasa peo teng.

25. Ke tshabile ke hona, mme ke ile ka pata talenta ya hao mobung; bona, e sa le ena ntho ya hao.

26. Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng.

27. Ha ho le jwalo, o ka be o beile tjhelete ya ka bankeng, mme ha ke fihla, nka be ke latile ntho ya ka le phaello ya yona.

28. Mo amoheng talenta hle, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome.

29. Hobane e mong le e mong ya nang le ntho o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

30. Lahlelang mohlanka ya sebodu mafifing a kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

Mora motho o tla ahlola batho.

31. Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.

32. Ditjhaba tsohle di tla bokellwa pela hae; mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwaloka modisa ha a kgetha dinku ho dipodi.

33. O tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, a bee dipodi ho le letshehadi.

34. Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.

35. Hobane ke na be ke lapile, mme le kile la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme le kile la nnea ka nwa; ke na be ke le moeti, mme la nkenya tlung ha lona;

36. ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna.

37. Etlaba hona ba lokileng ba mo arabang, ba re: Morena, ke neneng re kileng ra o bona o lapile, mme ra o nea wa ja; leha o nyorilwe, mme ra o nea wa nwa?

38. Ke neng re o boneng o le moeti, mme re kileng ra o kenya tlung ha rona; leha o hlobotse, mme ra o apesa?

39. Ke neng re o boneng o baba, mohlomong o le teronkong, mme ra ya ho wena?

40. Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.

41. Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.

42. Hobane ke na be ke lapile, mme ha le a ka la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme ha le a ka la nnea ka nwa;

43. ke na be ke le moeti, mme ha le a ka la nkenya tlung ha lona; ke na be ke hlobotse, mme ha le a ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, mme ha le a ka la tla mpona.

44. Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra o bona o lapile, leha o nyorilwe, leha o le moeti, leha o hlobotse, leha o baba, leha o le teronkong, mme re sa ka ra o thusa?

45. Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna.

46. Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.