Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Mattheu 12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Diqwapi le Sabatha.

1. Mehleng eo, Jesu o ne a feta hara masimo ka tsatsi la Sabatha Barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga diqwapi, ba di ja.

2. Bafarisi ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellweng ho etswa ka tsatsi la Sabatha.

3. Empa a re ho bona: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena;

4. kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?

5. Kapa ha le a ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a Sabatha, baprista ba tlola molao wa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?

6. Mme ke re ho lona: Ho teng mona ho hoholo ho tempele.

7. Hola la tseba ho lekanntsweng ha ho thwe: ke rata mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tswa ba se nang molato.

8. Hobane Mora motho ke morena le wa Sabatha.

Ho fodiswa ya nang le letsoho le omeletseng.

9. Ha a tloha teng, a kena sinagogeng ya bona.

10. Motho o ne a le teng moo, ya letsoho le omeletseng; ba botsa Jesu, ba re: Ana ho ka lokela ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? Ba rialo, ba batla sebaka sa ho mo qosa.

11. Empa yena a re ho bona: Motho ke ofe ho lona ya nang le nku e le nngwe, ekareng ha e wela sekoting ka Sabatha, a ke keng a e tshwara,

12. Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka Sabatha.

13. Yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme la fola, la boela la loka jwaloka le leng.

14. Bafarisi ha ba tswile, ba mo rera, kamoo ba ka mmolayang kateng.

15. Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.

Tseo Jesu a porofetilweng ka tsona.

16. A ba laya, a re, ba se ke ba mmolela;

17. ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a itse:

18. Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.

19. Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ya tla utlwa lentswe la hae diterateng;

20. ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole.

21. Mme ditjhaba di tla tshepa lebitso la hae.

Sefofu se semumu se nang le motemona. — Sebe sa ho sitelwa Moya o Halalelang.

22. Yaba ho tliswa ho Jesu motho ya nang le motemona, e le sefofu se semumu, a mo fodisa; mme jwale, sefofu se semumu sa bua, le hona sa bona.

23. Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na?

24. Empa bafarisi, ha ba utlwa taba eo, ba re: Enwa ha a leleka batemona, ke ka Beelsebule feela, morena wa batemona.

25. Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya.

26. Satane ha a leleka Satane, eba o kgaohane ho itwantsha; ana mmuso wa hae o ka tiya jwang?

27. Ha ke fela ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona, bona, ba ba leleka ka mang? E tla ba bona baahlodi ba lona ke hona.

28. Empa ekare ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.

29. Kapa motho a ka kena jwang tlung ya senatla, ho phahla mesebetsi ya sona, ha a sa ka a tlama senatla seo pele, ebe moo a phahlang ntlo ya sona?

30. Ya sa ntwaneleng, o a ntwantsha; le ya sa bokolleng le nna, o a hasanya.

31. Ke moo ke reng ho lona: Batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le e nngwe; empa nyefolo e nyefotseng Moya, batho ba ke ke ba e tshwarelwa.

32. Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.

33. Kapa ereng, sefate se setle, tholwana ya sona le yona e ntle; kapa ereng, sefate se sebe, tholwana ya sona le yona e mpe; hobane sefate se tsejwa ka tholwana ya sona.

34. Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.

35. Motho ya molemo o ntsha dintho tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; mme motho ya lonya o ntsha dintho tse lonya letlotlong le lonya la pelo ya hae.

36. Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng.

37. Hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, mme ka dipolelo tsa hao o tla tsuwa.

Jesu o hana ho etsa mohlolo.

38. Lekgatheng leo, bangodi le bafarisi ba bang ba re ho Jesu: Moruti, re rata re ka o bona o etsa mohlolo.

39. Empa a ba araba, a re: Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke wa newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.

40. Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.

41. Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tswe, hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase; kanthe e moholo ho Jonase o teng mona.

42. Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le moloko wona, a o tswe; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe, ho tla mamela bohlale ba Salomone; mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.

43. Moya o ditshila, ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng ho batla phomolo, o mpe o e hloke.

44. Ke moo o reng: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona. Mme ere ha o fihla teng, o e fumane e le feela, e fietswe, e bile e hlophilwe.

45. Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.

Mma Jesu le banababo.

46. Eitse ha a sa bua le bongata, ha hlaha mmae le banababo, ba ema kantle, ba batla ho bua le yena.

47. Motho e mong a re ho Jesu: Mmao le banabeno ke bana kantle, ba batla ho bua le wena.

48. Empa yena a araba ya mmolellang, a re: Mmè ke mang, mme banabeso ke bafe?

49. Yaba o alatsa barutuwa ba hae ka letsoho, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana.

50. Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.