Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Sakariya 5 BIBELE (SSO89SO)

Pono ya botshelela: Buka e fofang sebakeng

1. Ka tadima hape, mme ka bona buka e fofang sebakeng!

2. Lengeloi la mpotsa, la re: “O bona eng?”Ka le araba, ka re: “Ke bona buka e fofang sebakeng: Bolelele ba yona ke dimethara tse robong, bophara ba yona ke dimethara tse nne le halofo.”

3. Yaba le re ho nna: “Bukeng ena ho ngotswe thohako e tla aparela naha kaofela. Ka lehlakoreng le leng thohako ena e bolela hore leshodu le leng le le leng le tla timetswa, ka ho le leng e bolela hore mang le mang ya hlapanyang ka leshano le yena o tla timetswa.

4. Morena wa mabotho o bua tjena: <Thohako ena ke tla e romella. E tla kena ka tlung ya leshodu, e kene le ka tlung ya ya hlapanyang ka leshano ka lebitso la ka. E tla kena ka tlung ya hae, e funtsolle marulelo a yona, e heletse le marako a yona.> ”

Pono ya bosupa: Mosadi ya ka morifing

5. Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.”

6. Ka le botsa, ka re: “Ke eng?”La nkaraba, la re: “Ke morifi.” La boela la re: “O tshwantsha bokgopo ba batho ba naha yohle.”

7. Yaba ke bona sekwahelo sa loto, sa morifi oo, se kwahollwa, mme kahara morifi oo ho dutse mosadi.

8. Lengeloi la re: “Enwa o tshwantsha Bokgopo!”Yaba le mo katella kahara morifi, la ba la o kwahela ka sekwahelo sa loto.

9. Ha ke tadima hodimo ka bona basadi ba babedi ba etla ba fofa, mapheo a bona a kang a mokotatsle a kgile moya. Basadi bana ba phahamisetsa morifi ona hodimo.

10. Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Basadi baa ba isa morifi oo hokae?”

11. La nkaraba, la re: “Ba o isa naheng ya Babilona, moo ba ilo o hahela ntlo teng. Ha ntlo eo e se e hahilwe, ba tla bea morifi ono ditulong tsa wona.”