Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Dipolelo 17 BIBELE (SSO89SO)

1. “Le se ke la etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le sepha, kapa ka eng le eng e nang le sepha, hobane tse jwalo ke manyala ho Morena Modimo wa lona.

2. “Haeba hara lona, le hara metse ya lona, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, ho ka fumanwa monna kapa mosadi ya etsang bobe mahlong a Morena Modimo wa lona, ka ho roba selekane sa hae,

3. mme eo a iketse ho ya sebeletsa medimo e meng, a e kgumamela, kapa a kgumamela letsatsi, kapa kgwedi, kapa dinaledi dife kapa dife, e leng tseo ke sa le laelang tsona;

4. ha lona le bolellwa, mme le utlwa taba ena, le e batlisise ka hloko. Haeba e le nnete, mme manyala a jwalo a entswe naheng ya Iseraele,

5. monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.

6. Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.

7. Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona.

8. “Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha.

9. Ha o fihla ho baprista, e leng Balevi, le ho moahlodi ya teng ka nako eo, o botse, mme bona ba tla o bolella kamoo nyewe e ka ahlolwang kateng.

10. Wena o tle o latele kahlolo eo ba tla o bolella yona, ba le sebakeng seo Morena a tla se kgetha, mme wena o hlokomele ho etsa kamoo ba tla o laela kateng.

11. Ho ya ka Molao oo ba tla o bolella wona, le ho ya ka kahlolo eo ba tla o bolella yona, wena o etse jwalo. O se ke wa ba wa kgeloha kahlolo eo ba tla o bolella yona.

12. Motho ya ikgohomosang, ya sa mameleng moprista ya sebeletsang kapele ho Morena, kapa ya sa mameleng moahlodi, ya jwalo o tla bolawa. Le tla tlosa bobe jwalo setjhabeng sa Iseraele.

13. Setjhaba sohle se tla utlwa taba ena, se tshabe, mme se se ke sa hlola se ikgohomosa.

Melao e busang dikgosi

14. “Ha le fihla naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e se e le ya lona, le se le ahile ho yona, mme le re: <Re tla ikgethela kgosi jwaloka ditjhaba tsohle tse re potapotileng;>

15. le tla fela le ikgethele kgosi eo Morena Modimo wa lona, a tla e kgetha. Le tla ikgethela kgosi hara bana babo lona, le se ke la ikgethela moditjhaba eo e seng ngwanabo lona.

16. Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: <Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.>

17. Kgosi eo e se ke ya nyala basadi ba bangata, esere ya kgeloha. E se ke ya ipokellela silefera le kgauta.

18. “Ha kgosi eo e se e dutse hodima terone ya mmuso wa yona, e tle e ingolle Molao ona o bukeng e bolokilweng ke baprista ba Balevi.

19. Molao oo o be ho kgosi, e o bale ka matsatsi wohle a ho phela ha yona, e le hore e tle e ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, le ho boloka dipolelo tsohle tsa Molao, le ditaelo tsena, le ho di phetha.

20. Kgosi e se ke ya ikgohomosetsa bana babo yona, e se ke ya kgeloha Molao, e le hore e tle e phele halelele mmusong wa yona, yona le bana ba yona, hara setjhaba sa Iseraele.