Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

1 Samuele 28 BIBELE (SSO89SO)

1. Matsatsing wona ao, Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona ho futuhela Baiseraele. Yaba Akishe o re ho Davida: “O hlo tsebe hantle hore wena le bahlabani ba hao le tla ya le nna ntweng.”

2. Davida a re ho Akishe: “Ho lokile! O tla bona ntho eo mohlanka wa hao a tla e etsa!”Akishe a re ho Davida: “Ke hantle; o tla ba molebedi wa ka kamehla.”

3. Hoba Samuele a shwe, mme Baiseraele bohle ba mo llele, ba mo epela Rama, motseng wa habo. Saule o ne a ile a leleka dinohe le mathuela kahara naha.

Saule o ba tsietsing

4. Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa.

5. Ha Saule a bona mabotho a Bafilesita a tshoha, mme matshwafo a hae a uba habohloko.

6. Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta.

7. Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi wa senohe, ke yo disetsa ho yena.”Ba re ho yena: “Mane Ene-Dore mosadi ya jwalo o teng.”

Senohe sa Ene-Dore

8. Saule a ikgakanya, a apara diaparo disele, a tsamaya le banna ba babedi, ba fihla ho mosadi eo bosiu. Saule a re ho mosadi eo: “Ke a o rapela: Ako ntshenolele tse tlang ho etsahala ka ho mpotsetsa ho badimo, o be o ntsosetse eo ke tla o bolella lebitso la hae.”

9. Mosadi eo a re ho yena: “O tseba seo Saule a se entseng, le kamoo a lelekileng dinohe le mathuela kateng kahara naha ena. Ke ka lebaka lang ha o nketsetsa leraba, hore ke tle ke bolawe?”

10. Empa Saule a hlapanyetsa mosadi eo ka Morena, a re: “Ka Morena ya phelang, taba ena e ke ke ya o tlisetsa kotlo.”

11. Jwale mosadi eo a re: “Ke o tsosetse mang?”Saule a re: “Ntsosetse Samuele.”

Samuele o a hlaha

12. Hang ha mosadi a bona Samuele a howeletsa haholo, a re ho Saule: “O nthetseditseng? Ke wena Saule!”

13. Yaba kgosi e re ho yena: “O se ke wa tshoha. O bonang?”Mosadi a re ho Saule: “Ke bona ntho e kang sethotsela e ropoha fatshe.”

14. Saule a re ho mosadi: “E sebopeho se jwang?”Mosadi a re: “Ho ropoha monnamoholo ya apereng seaparo se selelele.”Saule a tseba hore efela eo ke Samuele. A obamela fatshe ka sefahleho, ho isa hlompho.

Kahlolo ya Saule

15. Samuele a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o nkgathaditse ka hore o ntsose?”Saule a re: “Ke tsielehile haholo, hobane Bafilesita ba a ntwantsha, empa Modimo o mphuraletse. Ha a sa nkaraba, leha e le ka baporofeta kapa ka ditoro. Ke ka lebaka lena ke ileng ka o bitsa, hore o tlo mpolella seo ke tshwanetseng ho se etsa.”

16. Yaba Samuele o re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ha e le moo Morena a o furaletse, a fetohile sera sa hao?

17. Morena o o entse seo a neng a o bolelle sona pele, ka molomo wa ka. Morena o o amohile mmuso wa hao, o o neile e mong, e leng Davida,

18. hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena, mme ha o a ka wa phethahatsa kahlolo ya Morena ha a ne a halefetse Baamaleke. Ke ka lebaka lena Morena a o etseditseng ntho e tjena kajeno.

19. Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.”

Saule o nyahama pelo

20. Hang ha Saule a utlwa mantswe a Samuele a tjapalla fatshe a tshohile haholo, a feletswe ke matla, hobane o ne a qetile letsheare lohle le bosiu bohle a sa je.

21. Mosadi eo a atamela ho Saule, a bona hore Saule o tshohile haholo, mme a re ho yena: “Lekgabunyane la hao le ile la mamela lentswe la hao, yaba le ipea kotsing ka ho phetha seo o ileng wa le laela sona.

22. Ka baka lena ke a o rapela, le wena ako mamele lekgabunyane la hao. A nke ke u fe thathana ya bohobe o je, o tle o matlafale, ebe o tswela pele leetong la hao.”

23. Empa Saule a hana, a re: “Nke ke ka ja!”Bahlanka ba hae le mosadi eo ba mo qophella, a ba a qetella a dumetse. Jwale a ema fatshe, a dula hodima moalo.

24. Mosadi o ne a ena le namane e nontshitsweng ka sakeng. A potlaka, a e hlaba; a nka phofo, a e duba, a pheha bohobe bo sa lomoswang.

25. Tsena a di bea kapele ho Saule le bahlanka ba hae, mme ba eja, ba nto ema, ba tsamaya ka bona bosiu bona boo.