Khaolo

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

Baheberu 2 BIBELE (SSO89SO)

Ketso e kgolo ya ho pholoswa

1. Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha.

2. Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang.

3. Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?

4. Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.

Pulamadiboho e pholosang

5. Modimo ha a a bea lefatshe le tlang, leo re buang ka lona, taolong ya mangeloi.

6. Etswe sebakeng se seng ho boletswe hantle, ha thwe:“Motho e ne e le eng,hoo o ka mo hopolang,le ngwana motho e ne e le eng,hoo o ka mo hlokomelang?

7. O mo entse ya katlasana homangeloika nakwana,o mo rwesitse mofapahloohowa tlotla le hlompho,

8. o beile tsohlekatlasa maoto a hae.”Ka ho bea tsohle tlasa motho, ha a a ka a siya letho leo a sa le beang tlasa hae. Hajwale ha re eso bone hore tsohle di beilwe katlasa hae.

9. Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.

10. Ho ne ho tshwanela hore Modimo, yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme di leng teng ka yena, ya neng a tla isa bana ba hae ba bangata tlotleng, a etse hore pulamadiboho e ba pholosang, e phethehe ka ho hlokofatswa.

11. Mohalaletsi le ba halaletswang ke bana ba motho. Ka baka leo, Jesu ha a dihlong ho ba bitsa bana babo,

12. ha a re:“Ke tla tumisa lebitso la haohara bana beso,ke o rorise hara phutheho.”

13. Hape a re:“Ke tla bea tshepo ya kaho Morena.”A buela a re:“Ke nna enwa le banabao Modimo a mphileng bona.”

14. Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.

15. Ka ho etsa jwalo o lokolotse batho ba neng ba le bokgobeng ba ho tshaba lefu bophelong bohle ba bona.

16. Ruri ha a a tlela mangeloi, empa o tletse ba leloko la Aborahama.

17. Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.

18. Kaha le yena a lekilwe ka ho hlokofatswa, o tseba ho thusa ba lekwang.