Khaolo

  1. 1

Testamente ea Khale

Testamente e Ncha

2 Johanne 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Tumediso.

1. Nna, moholo, ke ngolla mofumahadi wa mokgethwa le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng — mme hase nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebileng nnete —

2. ka baka la nnete e dutseng ho rona, mme e ya nne e be ho rona ka ho sa feleng, ke re:

3. Mohau, lereko, le kgotso, di be ho lona, le di fuwa ke Modimo Ntate le ke Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, nneteng le leratong.

Lerato la boena; baruti ba thuto tse kgelohileng.

4. Ke thabile haholo ha ke fihletse bana ba bang ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate.

5. Mme jwale, wena mofumahadi, ke a o rapela, e seng ka ho re, ke o ngolla taelo e ntjha, empa e le eo re bileng le yona esale ho qaleng, e reng, re ratane.

6. Mme seo e leng lerato, ke hoba re tsamaye ka taelo tsa hae; mme ke ena taelo, kamoo le e utlwileng kateng, esale ho qaleng, hore le tsamaye ho yona.

7. Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Ya jwalo ke mothetsi le antikreste.

8. Iponeleng, hore re se ke ra timellwa ke tseo re di sebeleditseng, re mpe re fuwe moputso o tletseng.

9. Mang le mang ya kgelohang, ya sa tiisetseng thutong ya Kreste, ha a na Modimo; ya tiisetsang thutong ya Kreste, yena o na le Ntate le Mora.

10. Ekare ha e mong a etla ho lona, mme a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lona, mme le se ke la mo dumedisa!

11. Hobane ya mo dumedisang o kopana le yena ketsong tsa hae tse mpe.

12. Ke sa na le ditaba tse ngata, empa ha ke rate ho le ngolla tsona ka pampiri le ka enke; empa ke tshepile ho le etela, le ho buisana le lona ka molomo, thabo ya lona e tle e phethehe.

13. Bana ba ngwaneno wa mokgethwa ba o dumedisa. Amen!